Svoboda | Graniru | BBC Russia | Golosameriki | Facebook
Jump to content

Setswana

E tswa ho Wikipedia
  0–20%
  20–40%
  40–60%
  60–80%
  80–100%
Setswana

Setswana, seo se neng se le Sechuana ka Sekgowa, se hlalosa meetlo ya batho ba bitswang Batswana, hape ke puo ya Sebatho se hlahang le ho buuwa Borweng ba Afrika. Se buuwa ke batho ba millione tse hlano jwaloka puo ya lestwele, ene batho ba millione tse robedi jwaloka puo ya bobedi.[1] Setswana se tshwana hampe le Sesotho, Sesotho sa Leboa, Sekgalagadi mmoho le Selozi/Serotse kaha puo tsena tshole di tlasa Puo tsa Sotho-Tswana.[2]

Setswana ke puo ya semmuso ya Botswana, Afrika Borwa, esita le yona Zimbabwe. Hape ke, puo ya ntlha mo Botswana, le dikarolo tsa Afrika Borwa haholo jwang Bokone Phirima. Ho ena le mofuta wa Setswana tropong tsa Pretoria se bitswang Sepritori mme ena ke puo ya setso sa Pretoria. Diprovense tse tharo tse nang le babui ba Setswana ke Kgauteng (e ka bang 11%), Kapa Leboa, le Bokone Phirima (e ka fetang 70%). Ho fihlela 1994, Batswana ba ne ba le baahi ba Bophutatswana, e nngwe ya "mahae" a Mmuso wa Kgethollo. Setswana sa Bokone Bophirima se buuwa ke merabe e mengata ka mekgwa ya yona. Merabe ena e kenyelletsa Bakgatla, Barolong, Bakwena, Batlhaping, Bahurutshe, Bafokeng, Batlokwa, Bataung esita le bona Batswapong, empa mongolo o a tshwana. Mafatsheng a Zimbabwe (batho ba ka bang 108, 000)[3], le Namibia (ba ka bang 30,000) Batswana ba mmalwa ba a tholahala.

Setheo sa Puo

[fetola | fetola mohloli]

Mantswe a Setswana, jwaloka boholo ba mantswe a dipuo tsa Sebatho, a na le dihlongtsapele. Setswaneng ho ena le dihlongtsapele tse robong tsa ka bohwang ka tlase.[4]

Dihlopha tsa Mantswe[5]
Sehlopha bonngwe bongata Tlhaloso
1. mo- ba- Batho
1a. - bô- Mabitso, Lelapa, Diphoofolo
2. mo- me-

ma-

Dintho tsa tikiloho
3. le- ma- Tsa metsi a bonolo
4. se- di- disebediswa, dintho tse amehileng
5. n-

m- ny- ng-

din-

dim- diny- ding-

Tsa dihla
6. lo- Tsa metsi a hlokang bonolo
7. bo- ma- Tsa moya/mehano
8. go- Tsa diketso
9. fa-

go- mo-

Tse diplekeng tse itseng

Tse mo pleke e potapotileng Tsa diplekeng tse ka hare

  1. https://wisc.pb.unizin.org/lctlresources/chapter/about-setswana/
  2. https://www.tandfonline.com/doi/abs/10.1080/19313150903073489
  3. https://joshuaproject.net/people_groups/15601/ZI
  4. https://en.wikipedia.org/wiki/Tswana_language#cite_note-18
  5. https://umabhengwane.com/2013/05/02/izigaba-zamabizo-the-noun-classes/ https://en.wiktionary.org/wiki/Appendix:Swahili_noun_classes